TJHATA YA DITOKELO TSA DIPHOFU YA AFRIKA BORWA
SELELEKELA KA LETONA LA LEFAPHA LA TOKA LE NTSHETSOPELE YA MOLAO WA MOTHEO
Ke a tseba hore botlokotsebe bo baka boima bo boholo mmeleng, ditjheleteng le moyeng wa diphofu tsa bona. Hore ho ntlafatswe ditshebeletso bakeng la diphofu tsohle tsa botlokotsebe, ke ikemiseditse ho atametsa ditlhoko tsa diphofu pelong ya Mokgwa wa Tshebetso wa Toka kgahlano le Botlokotsebe le ho lekanya ditokelo tsa bona le tsa baqosuwa. Sena se tla fihlellwa ka ho kenngwa ha tjhata ya Ditokelo tsa Diphofu.
Tjhata ena ya Ditokelo tsa Diphofu (Tjhata) e tsamaelana le seo Molao wa Motheo wa Afrika Borwa wa 1996 o leng ka sona le Phatlalatso ya Matjhaba a Kopaneng ka Leano la Motheo la Toka ya Diphofu tsa Botlokotsebe le Tshebediso e Mpe ya Matla, 1985 (GA/RES/40/34). Tjhata ena e beha motheo wa ho lekanya ditokelo tsa bobedi diphofu le baqusuwa, hammoho le ho netefatsa hore Diphofu di tshwarwa ka lerato le tlhompo ya seriti sa tsona. E batla ho netefatsa hore diphofu di fumana pheko bakeng la kotsi eo di kopaneng le yona ka ho fumantshwa Mokgwa wa Tshebetso wa Toka kgahlano le Botlokotsebe.
Leano la ho netefatsa ho sebetsa ho latela ho kenngwa tshebetsong ha Tjhata ke ba fanang ka ditshebeletso le tla hlahiswa, le tlang ho ba tataiso bakeng la tshebetso e tlang ho tlama bohle ba fanang ka ditshebeletso. Mokgwa wa tsamaiso ya boikamahanyo o tla kenngwa hore ho tle ho netefatswe hore ho na le boikarabello ha dintho di tsamaya hampe.
Komeshene ya Molao ya Afrika Borwa e mothating wa ho hlahisa molao wa ho thehwa ha Kantoro ya Diphofu tse Molaong e tlang ho tsamaisa ho kenngwa ha Tjhata ena tshebetsong le mehato e meng e reretsweng ho matlafatsa diphofu.
Ke kopa bohle ba phethe boikarabelo ba bona ka ho phethahala ho netefatsa hore ho kenngwa ha Tjhata ena tshebetsong ho a atleha le hore ho fihlella merero ya yona.
Letona la Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo
Thibetsweng
KETAPELE
Mmuso wa Afrika Borwa ka kakaretso le diakgente tse nang le seabo tsamaisong ya toka ka ho qolleha o:
Tiisetsa
Boitlamo ba Mmuso ho kenya tshebetsong mekgwa ya tshebetso e reretsweng ho tswelapele ka ho ntlafatsa mokgwa wa tshebetso wa toka ho sirelletsa le o kgothalletsa ditokelo tsa diphofu, ka ho ikamahanya le ditlameho tsa matjhaba tlasa disebediswa tsa ditokelo tsa botho tsa matjhaba tse kang Phatlalatso ya Matjhaba a Kopaneng ka Leano la Motheo la Toka ya Diphofu tsa Botlokotsebe le Tshebediso e Mpe ya Matla le Keketso ya Thibelo le Phediso ya Mahahapa Kgahlano le Basadi le Bana ho Phatlalatso ya SADC ya 1997 mabapi le Bong le Ntshetsopele;
Hore ho ya ka tshireletso e lekanang ya diphofu le baqosuwa tshebetsong ya toka kgahlano le botlokotsebe ke karolo ya boikarabelo ya mmuso ho kgothalletsa ho tshaelwa ho lekanang bakeng la bohle ha ditokelo tsohle le bolokolohi bo kgothalletswang Molaong wa Motheo, hore-
Toka ya nnete e ka fihlellwa feela ha ditokelo tsa diphofu le batshwaruwa di ananelwa, di sireletswa le ho lekanngwa;
Ananela
Sekgahla se matla sa botlokotsebe diphofung le bokgoni ba ho sona ho se natse ditholwana tsa demokrasi le ditokelo tse ding tse ngata le ditokolloho tse sireleditsweng ke Molao wa Motheo wa rona.
Hlokomela
Kgatelopele e bonahalang e entsweng ho tloha ho qaleng ha demokrasi, dilemong tse leshome tse fetileng, e mabapi le ho fetolwa ha tshebetso ya toka ho netefatsa phihlello ya toka le maikutlo a mabapi le mekgwa ya tshebetso ho sa natswe ho se tshwane ho latela borabe, bong, setho, maemo le mefuta yohle e meng ya karohano kapa ho hloka monyetla;
Ho hlokomela ka ho qolleha
Mekgwa e fapaneng e ileng ya kenngwa tshebetsong e le karolo ya phetolo ya mokgwa wa tshebetso ya toka, ka morero wa ho netefatsa bohare ba phofu, ho lekanya ditokelo tsa bona le tsa baqosuwa le ho theola tlatlapo maemong a fapaneng a tshebetso ya toka;
Ngongoreha haholo
Hore dikgeo tse teng mabapi le ho fana ka maemo a tshwanang ho ditokelo tsa diphofu jwalo ka tse fuwang moqosuwa le ho theola tlatlapo e hodimo ya diphofu tsa botlokotsebe;
Amohela ka tsela e jwalo Tjhata ena ya Diphofu
Ho sebetsa e le motheo wa ho lekanya ditokelo tsa diphofu le baqosuwa le ho:
Hlakisa maemo a tshebeletso a ka lebellwang le a fuwang diphofu ha di sitisa tshebetso ya toka;
Fedisa tlatlapo e hodimo tshebetsong ya toka;
Netefatsa hore diphofu di dula di le bohareng ba tshebetso ya toka; le
Ho lokisetsa ho hlabollwa ha diphofu ha maemo ho sa ikamahanngwe le wona.
DITOKELO TSA HAO JWALO KA PHOFU YA BOTLOKOTSEBE
Kopanong ya hao le tshebetso ya toka kgahlano le botlokotsebe ditokelo tse latelang di tla bolokwa:
Tokelo ya ho tshwarwa ka toka le tlhompho ya seriti le sekgukgu sa hao.
O na le tokelo ya ho sebeletswa kapele le ka tlhompho, o tshwerwe ka tlhompho ya seriti sa hao le sekgukgu ke ditho tsohle tsa mokgatlo ofe kapa ofe o fanang ka ditshebeletso.
Mapolesa, ha a etsa diphuputso, batjhotjhisi le bahlanka ba lekgotla la dinyewe ha ba hlophisetsa le ka nako ya ho mamelwa ha nyewe, hammoho le, bohle ba bang ba fanang ka ditshebeletso, ba lokela ho etsa hore ho fokotswe ho se tshwarehe hantle ha hao jwalo ka phofu, hara tse ding, ho tshwara dipuisano le wena ka puo ya hao le sekgukgung ha ho hlokeha.
Diketso tsena di tla thibela tlatlapo ya phofu e boemong bo hodimo.
Tokelo ya ho fana ka tsebiso
O na le tokelo ya ho fana ka tsebiso nakong ya ha ho etswa diphuputso le ha ho mamelwa nyewe.
Mapolesa, motjhotjhisi le mohlanka wa tshebeletso tsa tshokollo ya batshwaruwa ba tla nka mehato ya ho netefatsa hore seo o batlang ho se bua phuputsong, botjhotjhising le ho mamelweng ha parole ho a mamelwa le ho lekolwa ha ho etswa qeto ya ho tswelapele ka phuputso, kapa ho tjhotjhisweng kapa kopanong ya Boto ya Parole.
Tokelo ena e bolela hore o ka ba le seabo (moo ho hlokehang le moo ho kgonahalang) tshebetsong ya toka kgahlano le botlokotsebe, ka ho kenela dikopano tsa ho mamelwa ha kopo ya beili, nyewe, kahlolo le/kapa kopano ya boto ya parole.
Ho bolela hore o tla ba le monyetla wa ho etsa ditatemente tsa tlatsetso mapoleseng ha o hlokomela hore setatemente sa pele ha se a fella; o kanna wa boela wa etsa setatemente lekgotleng la dinyewe ho etsa sekgahla sa botlokotsebe se utlwahale lekgotleng la dinyewe.
Ho feta moo o ka nna wa etsa kopo ka lengolo ho Modulasetulo wa Boto ya Parole ho kenela dikopano tsa ho mamelwa ha parole le ho fana ka seo o se tsebang ka lengolo.
Tokelo ya ho fumantshwa tsebiso
O na le tokelo ya ho fumana tsebiso le ho tsebiswa ka ditokelo tsa hao le ditshebeletso tsohle tse loketseng tseo o lokelang ho di fuwa ke ba fanang ka ditshebeletso.
O lokela ho tsebiswa ka seabo sa hao nyeweng le tekanyetso ya nako eo nyewe e tlang ho e nka. O ka kopa tsebiso mabapi le matsatsi a ho mamelwa ha nyewe, ditefo tsa dipaki le mananeo a tshireletso ya dipaki.
O ka boela wa kopa ho tsebiswa ka boemo boo nyewe e leng ho bona, hore setlokotsebe se tshwerwe kapa tjhe, se qositswe, se fuwe beili, se qositswe ka molao, se fumanwe se le molato mme ha ho etsahetse, se ahlotswe.
Ha o na tokelo ya ho tsebiswa ka ditokelo tsa hao feela, empa le ho disebedisa.
O ka boela, e le karolo ya tokelo ya hao ya ho fumantshwa tsebiso, wa kopa tlhalosetso ya le ha e le sefe seo o sa se utlwisiseng ka puo ya hao.
O ka kopa mabaka a qeto e ileng ya nkuwa ka nyewe ya hao, hore ho qoswe kapa tjhe.
O na le tokelo ya ho fumantshwa ditokomanetseo molao o dumellang hore o be le tsona.
O ka kopa ho fumantshwa tsebiso mabapi le ho mamelwa ha nyewe tseo o ka di kenelang. O ka boela wa kopa motjhotjhisi ho tsebisa ramosebetsi wa hao ka ho mamelwa ha nyewe le ha e le hofe, ho hlokang hore o be siyo mosebetsing.
Tokelo ya tshireletso
O na le tokelo ya ho se tshoswe, tlatlatjwe, tlatlatjwe, tshabiswe, sokodiswe, fuwe tjotjo, botlokotsebe le tshebediso e mpe.
Ha o le paki o tla lokela ho tlaleha ditshoso tse jwalo sepoleseng kapa ho motjhotjhisi wa mmuso ya ka sehloohong.
Mapolesa, ha o ikamahanya le ditlhoko tse itseng, a tla etsa kopo ya hore o kenngwe tshireletsong ya dipaki.
Ha kopo e jwalo e atlehile o tla kenngwa lenaneong la tshireletso ya dipaki.
Ha o ntse o tla sireletswa, ka moo ho ka kgonehang ka teng, mefuteng yohle ya kgahlamelo e sa lokang, ho tea mohlala, o tla sireletswa tlatlapong kapa tshosong.
Sena se tla netefatsa polokeho ya hao jwalo ka paki hore bopaki ba hao bo se hahlamelwe kapa ho etsa ore o ikhule ho faneng ka bopaki ka lebaka la kgahlamelo e sa lokang.
Tokelo ena e bolela hore maemong a itseng lekgotla la dinyewe le ka thibela phatlalatso ya tsebiso le ha e le efe (ho kenyelletsa le botho ba hao) kapa e ka laela hore nyewe e tshwarelwe sekgukgung (e nkuwa ditshwantsho)/ o ka kopa Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa ho o tsebisa ha setlokotsebe se bahlehile kapa se fallisitswe.
Tokelo ya ho thuswa
O na le tokelo ya ho kopa ho thuswa, le ho fihlella (ha ho hlokeha le ha ho kgonahala) ditshebeletso tsa setjhaba, bophelo le tataiso hammoho le thuso ya semolao e loketseng ditlhoko tsa hao.
A tla o thusa ka ho o hlalosetsa tshebetso ya sepolesa; ho o tsebisa ka ditokelo tsa hao le ho o kgothalletsa ho leba ho ba bang ba fanang ka ditshebeletso.
Motsamaisi wa kantoro kapa hlooho ya kantoro lekgotleng la dinyewe o tla etsa tlhophiso ditshebeletso tsa toloko.
Batjhotjhisi ba tla netefatsa hore ho nkuwa mehato e ikgethang mabapi le botlokotsebe ba thobalano, merusu ya ka lapeng le tshehetso/tlhokomelo ya bana le hore dinyewe di mamelwa makgotleng a kgathehileng a dinyewe, moo ho kgonehang.
Bohle ba fanang ka ditshebeletwso ho latela mesebetsi ya bona ka ho fapana ba na le mosebetsi wa ho nka mehato yohle e loketseng ho kenyelletsa diphofu tse nang le ditlhoko tse ikgethang le ho di tshwara ka mokgawa o nang le kutlwelo.
Tokelo ya ho lefuwa
O na le tekelo ya ho lefuwa bakeng la tahlehelo kapa tshenyo ya thepa e ileng ya bakwa ke botlokotsebe bo entsweng kgahlano le wena.
Ka tsatsi la kahlolo ya moqosuwa o ka kopa motjhtjhisi ho kopa lekgotla la dinyewe hore ho ntshuwe taelo ya hore o lefuwe ho latela Karolo ya 297 le 300 ya Molao wa Tsamaiso ya Nyewe ya Botlokotsebe wa 51 wa 1977. ?Tefo? e bolela tjhelete eo lekgotla la dinyewe le e fang phofu e ileng ya lahlehelwa kapa ya senyehelwa ke thepa, ho kenyelletsa le tjhelete ka lebaka la ketso ya botlokotsebe kapa tshitiso ka motho ya ileng a tshwarwa ka botlokotsebe.
Motjhotjhisi o tla o tsebisa ka taelo ya tefo empa tlelereke ya lekgotla la dinyewe e tla ikarabella ho e phethahatsa, le hape hore o ka ritela nyewe kgahlano le moqosuwa moo e leng hore lekgotla la dinyewe ha le fane ka taelo ya tefo hammoho le moo tshenyo e sa lekanyetseheng ha bobebe ho latela tshebetso ya ditjhelete jwalo ka tshenyo ya botsitso ba kelello kapa bohloko le mahlomola.
Tokelo ya puseletso
O na le tokelo ya ho buseletswa thepa eo o ileng wa e amohuwa ntle le molao. ?Puseletso? e bolela hore lekgotla la dinyewe, ka mora ho fumana molato, le laela moqosuwa ho kgutlisa thepa eo a ileng a fumanwa a le molato wa ho eo amoha yona ntle le molao hore o tle o kgutlisetswe maemong ao o neng o le ho ona pele ho botlokotsebe.
Motjhotjhisi o tla o tsebisa seo puseletso e se kenyelletsang le tlelereke ya lekgotla la dinyewe e tla o thusa ho phetha tokelo ena
Ka kopo sheba Boemo ba Maemo Ditshebeletsong tsa Diphofu tsa Botlokotsebe, tse ka fumanehang Mafapheng a Mmuso, ha o ka batla tsebiso e nngwe e kenelletseng mabapi le ditokelo tse fapaneng.
DITLETLEBO
O ntse o hopola hore o na le tokelo ya ho tletleba, o ka ikopanya le lefapha le itseng la mmuso kapa ya fanang ka tshebeletso ha o na le tletlebo le ha e le efe mabapi le tshebeletso eo o e fumanang kapa ha ditokelo tsa hao di sa natswe. Ha o sa kgotsofala ka mokgwa oo tletlebo ya hao e tshwarwang ka ona, o ka ikopanya le mekgatlo e kang:
a. Kantoro ya Mosireletsi wa Setjhaba, b. Babuelli ba Ditokelo tsa Botho, c. Komeshene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa, d. Bolaodi bo Ikemetseng ba Ditletlebo, e. Komeshene ya Tekano ya Bong, f. Bolaodi ba Botjhotjhisi ka hara Naha, g. Dikantoro tsa Sepolesa a Metropolitan, h. Khantshele ya Diprofeshene tsa Bophelo bo Botle tsa Afrika Borwa, kapa
Mmuelli wa kgetho ya hao le ka ditjeho tsa hao.
Bakeng la ho fumana tsebiso e eketsehileng ka mokgwa wa ho tletleba, ka kopo sheba Bonnyane Maemo a Tshebeletso tsa Diphofu tsa Botlokotsebe. Tokomane ena e a fumaneha kantorong le ha e le efe ya mmuso.
TSEBISO E EKETSEHILENG
Ha o batla tsebiso e mabapi le ntlha le ha e le efe e kentsweng toomaneng ena, ikopanye le Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo Bolaoding ba Bong dinomorong tse latelang:
Mohala: 315 1670
NOMORO YA MAHALA YA MOHALA: 0000000000000000000
ka kopo hlokomela hore tshebediso ya nomoro ya mahala e sa ntsane e tla netefatswa.
DIKANANELO
Tjhata ya Ditokelo tsa Diphofu tsa Afrika Borwa e hlahisitswe ke Bolaodi ba Bong Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, ka tshebedisano le Mafapha a Ntshetsopele ya Setjhaba, Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa, Thuto, le Bophelo bo Botle, ha mmoho le Bolaodi ba Botjhotjhisi ba Setjhaba, Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa, Komeshene ya Phetolo ya Molao ya Afrika Borwa, Komeshene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa, Kantoro ya Mosireletsi wa Setjhaba, Bolaodi bo Ikemetseng ba Ditletlebo, Ditho tsa Ditshebeletso tsa Makgistrata le Toka le ditho tsa Sepolesa sa Metro sa Tshwane.
Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo e ananela ka botebo dinyehelo tse entsweng ke mekgatlo e meng eo e seng ya mmuso le ditsha tsa thuto ho tokomane.
